MATSHWAO: 70
NAKO: dihora tse 2
Pampiri ena e na le maqephe a 20.
PAMPIRI YA 2 (P2)
KEREITE YA 12
DITAELO LE DIKELETSO HO MOHLAHLOBUWA
Bala dintlha tse hlahellang leqepheng lena ka tlhoko pele o qala ho ka araba dipotso.
O se ke wa latella ho bala pampiri yohle. Tadima karolo e hlahisang dikahare tsa pampiri leqepheng le latelang, mme o tshwaye dinomoro tsa dipotso tse theilweng dibukeng tseo o ithutileng tsona selemong sena. Ka mora moo o bale dipotso tseo, o nto kgetha tseo o lakatsang ho di araba.
Pampiri ena e arotswe dikarolo tse NNE, e leng:
KAROLO YA A: Padi/Nobele 
KAROLO YA B: Tshwantshiso/Terama 
KAROLO YA C: Palekgutshwe 
KAROLO YA D: Dithothokiso 
O lokela ho araba dipotso tse PEDI feela. Dipotso (tseo tse pedi) di kgethwe dikarolong dife kapa dife tse fapaneng. Araba potso e le NNGWE mofuteng ka mong wa sengolwa ho e MMEDI eo o ithutileng yona selemong sena. Hlokomela hore matshwao a dipotso tse pedi tseo o di arabileng a etse mashome a supileng ha a kopanngwa.
Badisisa ditaelo TSOHLE tse hlahiswang qalehong ya karolo e nngwe le e nngwe ka tlhoko.
Nomora dikarabo tsa hao jwalo ka ha dipotso di nomorilwe pampiring ya dipotso.
Qala karolo e NNGWE le e NNGWE leqepheng LE LETJHA, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Ngola ka mongolo o makgethe o balehang.
Mohlahlobuwa o eletswa ho sebedisa nako ka moo ho sisintsweng: O lokela ho ngola karolo e nngwe le e nngwe bonyane metsotso e 60.
LEQEPHE LA DIKAHARE:
Dintlha tse hlahisitsweng leqepheng lena di tla thusa mohlahlobuwa ho kgetha dipotso tseo a lakatsang ho di araba ntle le ho qobelleha hore a bale pampiri kaofela.
KAROLO YA A: PADI/NOBELE
Araba potso E LE NNGWE feela.
NOMORO YA POTSO
MOFUTA WA POTSO
MATSHWAO
Padi ya 1 - Mahlale a kopane Lekwa
Mofuta wa potso e telele ya moqoqo
KAPA
Padi ya 1 - Mahlale a kopane Lekwa
Mofuta wa dipotso tse kgutshwane
KAPA
Padi ya 2 - Bosweu ba Lehlwa
Mofuta wa potso e telele ya moqoqo
KAPA
Padi ya 2 - Bosweu ba Lehlwa
Mofuta wa dipotso tse kgutshwane
KAPA
Mofuta wa potso e telele ya moqoqo
KAPA
Mofuta wa dipotso tse kgutshwane
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A:
KAROLO YA B: TSHWANTSHISO/TERAMA
Araba potso E LE NNGWE feela.
NOMORO YA POTSO
MOFUTA WA POTSO
MATSHWAO
Tshwantshiso ya 1 - Sefi
Mofuta wa potso e telele ya moqoqo
KAPA
Tshwantshiso ya 1 - Sefi
Mofuta wa dipotso tse kgutshwane
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B:
KAROLO YA C: PALEKGUTSHWE
Araba potso E LE NNGWE feela.
NOMORO YA POTSO
MOFUTA WA POTSO
MATSHWAO
Mofuta wa potso e telele ya moqoqo
KAPA
Mofuta wa dipotso tse kgutshwane
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C:
KAROLO YA D: DITHOTHOKISO
Araba dipotso TSE PEDI feela.
NOMORO YA POTSO
MOFUTA WA POTSO
MATSHWAO
Thothokiso ya 1 - Lefu
Mofuta wa dipotso tse kgutshwane
KAPA
Thothokiso ya 2 - Pelo e ja serati
Mofuta wa dipotso tse kgutshwane
KAPA
Thothokiso ya 3 - O emetseng?
Mofuta wa dipotso tse kgutshwane
KAPA
Mofuta wa dipotso tse kgutshwane
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA D:
MATSHWAO KAOFELA A DIPOTSO TSE PEDI TSE LOKELANG HO ARAJWA:
Lenanenetefatso:
Sebedisa lenanenetefatso lena ho nnetefatsa hore na e fela o arabile dipotso tse hlokehang.
KAROLO YA
NOMORO TSA DIPOTSO
PALO YA DIPOTSO TSE LOKELANG HO ARAJWA
TSHWAYA
A: PADI/NOBELE
Potso e telele moqoqo KAPA dipotso tse kgutshwane
KAPA
B: TSHWANTSHISO/TERAMA
Potso e telele moqoqo KAPA dipotso tse kgutshwane
KAPA
C: PALEKGUTSHWE
Potso e telele moqoqo KAPA dipotso tse kgutshwane
KAPA
D: DITHOTHOKISO
Potso e telele (moqoqo) KAPA dipotso tse kgutshwane (tseo o ithutileng tsona)
PALO YOHLE YA DIPOTSO TSE LOKELANG HO ARAJWA
ELA HLOKO:
O tshwanetse hore o be o arabile dipotso tse PEDI tse tswang dibukeng tseo o ithutileng tsona selemong sena.
KAROLO YA A: PADI/NOBELE
ARABA POTSO YA BUKA EO O ITHUTILENG YONA FEELA KAROLONG ENA.
Ho botsitswe dipotso tse tsheletseng karolong ena. Kgetha mme o arabe potso e le NNGWE e itshetlehileng bukeng e le NNGWE eo o ithutileng yona selemong sena.
POTSO YA 1
Ka bolelele ba mantswe a ka bang 250 - 300 qoqa ka diketsahalo tse lebisang tharahanong ya pale ena, o itshetlehile hodima bohlale le maqheka ao Sekgukguni le Mananyetsa ba neng ba kopane ka ona.
KAPA
POTSO YA 2
Bala qotso ena ka tlhoko o nto araba dipotso tse tla e latela.
Ntate, ha e le ntwa yona, nna ke inehetse. Ho teng feela, nna ke ne ke re na ha e le moo nna le wena re bile le hona ho ka qhekanyetsana ka bohlale bo tsotehang hakanakana, na ha o bone hore re ka thusana nthong tse ngata? ... Na ha re ka kopanya kelello tsee tsa rona ra di etsa ngatana e le nngwe, na ha o bone hore re ka iphedisa? Na ruri re ke ke ra rua, ka ho tsamaya re qhekanyetsa batho, wena o e bona jwang taba ee, weso?"
Jwale o bua jwalo ka monna. Ke rata ha o bua jwalo. O lekile ho nqhekanyetsa ka 'thipa' ya 'kgauta', empa ka baka la hobane ke le bohlale o hlolehile ho ntshwasa. Le nna ke hlolehile ho o tshwasa hobane o batlile o o eba bohlajana.
Jwale tseo ha re di lebale he, di fetile. Taba e setseng e nngwe feela jwale, ha re be ngatanngwe ke pheto. Nka o bolella feela nna hore bophelo bo teng ka mona ka Freisetata. Ha o dumela ho tsamaya le nna ke tla o bula mahlo ka seo ke se nahanang, seo e leng kgale ke se labalabela - mme se tla re putsa.
DIPOTSO:
Bolela mabitso a baphetwa bana ba babedi ba buisanang qotsong e ka hodimo.
Mantswe aa "Ntate, ha e le ntwa yona, nna ke inehetse ..." a ne a buuwa ke mang ho bona ba le babedi?
Hlalosa se neng se qeta ho etsahala mme se bakileng hore mophetwa eo a bue mantswe ana a qotsitsweng potsong ya 2.2.1 ka hodimo.
Baphetwa baa ba ne ba kopanele tulong efe mohla ba neng ba teana lekgetlo la pele?
Bolela dintho tseo baphetwa bana ba neng ba di tshwere ha ba ne ba kopana jwalo.
Hlahisa ntlha e le nngwe eo o hopolang hore baphetwa bana bao o ba boletseng karabong ya hao e ho 2.1 ba tshwana ka yona. Bolela ntlha e le nngwe o ipapisitse ka semelo sa bona.
Baphetwa baa ba babedi ba ile ba rera ho etsa eng ka kopanelo ka mora hore ba etse setswalle?
Sehlooho see, 'Mahlale a kopane Lekwa' se nepahetse kapa se fosahetse hakae ho ya ka kutlwisiso ya hao ya ketsahalo e hlahisitsweng qotsong e o sa tswa e bala?
Monna ya bitswang Mananyetsa o ne a ikgakantse jwalo ka eng mohla a neng a ile ho ya qhekella Mofumahadi Ramoroko?
Na banna baa ba ile ba atleha morerong wa bona wa ho qhekella mofumahadi wa morena Ramoroko? Tshehetsa karabo ya hao ka lebaka.
Ho ya ka wena, o ka hlalosa thehello ee ya baphetwa ba latelang ka ho re eng?
Hlalosa maemo a tsa phedisano a neng a susumetsa baphetwa bana ba babedi ho etsa diketso tsa boqhekanyetsi.
Na ke ntho e nepahetseng hore ha motho a hloka a kene diketsong tsa bonokwane? Tshehetsa karabo ya hao.
Mananyetsa o ile a etsa jwang ha a se a fumana hoba molekane wa hae o mo thobetse ka mora ho qhekella mofumahadi wa morena Ramoroko?
KAPA
POTSO YA 3
Kgolong ya pale ena, Hlomi o ne a teane le ditshita tseo a neng a lokela ho etsa mawala a ho ka di hlola. O shebile polelo e ka hodimo, ka bolelele ba mantswe a ka bang 250 - 300 qoqa ka ka moo pale e holang ka teng ho fihlela pheletsong o ikamahantse le dihloohwana tse latelang:
Hlomi o sebetsa ka thata ho fumana Lerato.
KAPA
POTSO YA 4
Bala qotso ena ka tlhoko o nto araba dipotso tse tla e latela.
Ka Bakwena ba ntswetse ena thope ke tlamehile ho e rua, le ha ho ka ba jwang. Nke ke ka lahla ditomo le kgale, ha ke mo tlohela o tla nkuwa ke mang? Yena a tswa hokae? Lerato ke tla mo fumana, mme a ke ke a phonyoha, ke tla mo rata ho ya ho ile." Ke nna eo ka menahano e tiileng. Ka nako eo Diau o ne a se a roballetse pela ka haholo.
DIPOTSO:
Ho ya ka kutlwisiso ya hao, na lerato la Hlomi ho Lerato ke la nnete? Tshehetsa karabo ya hao ka lebaka le utlwahalang o itshetlehile ka diketsahalo tsa buka.
Moshanyana ya neng a tella le ho nyatsa Hlomi ke mang?
Baphetwa baa ba ne ba le sehlopheng sefe?
Mosuwe Kuntiwa o tswa naheng efe mme o ne a ruta thuto efe?
Ho ya ka moo o bonang maemo a ditaba naheng ena, na ho a hlokeha hore ho hirwe matitjhere ho tswa naheng tse ka ntle.
Bolela dintho tse THARO tseo Lerato a hopolang hore di mo sitisa ho utlwisisa ditaba tsa Hlomi.
Ha Dineo a tla ngolla Hlomi lengolo, na o ne a tseba hore o rata Lerato? Tshehetsa karabo ya hao ka lebaka le utlwahalang ho tswa paleng.
Se entsweng ke Dineo ho Hlomi e batla e ba tlwaelo ho batjha ba kajeno. Ho ya ka wena na o bona ho nepahetse hore ngwanana a ipherehele moshemane. Hobaneng ha o realo?
Bala qotso e latelang o nto araba dipotso tse e latelang.
Matsatsi pele ho mokete ho ne ho se dithuto; e le ditlhophiso, boikwetliso le dintho tse ding tse ngata. Ho ne ho dubakane ruri, batho ba thulana ka dihlooho. Ha e le boLerato bona ka se ke ka ba bona hohang, ha e se Dineo eo ke neng ke kopana le yena kgafetsa, ke bile ke elellwa hore o ne a se a fetohile. O ne a se a sa hlole a kgothalla ho bua le nna ha e se ho ntumedisa feela ebe o a iphetela. Ka ba ka elellwa hore ka dinako tse ding o ne a nqoba ka hohlehohle e le ha a sa rate ha re ka kopana hohang. Tseo kaofela di ne di na le ho hlopha monahano wa ka empa ke di qhelela ka thoko eka ha ho letho.
DIPOTSO:
Mokete oo ho neng ho itokisetswa wona e ne e le wa eng?
Mokete oo ho neng ho itokisetswa wona o ne o tlo etsetswa hokae?
Bolela dintho tse THARO tseo Hlomi a di hlokometseng ka Dineo.
Fana ka lebitso la tantshi eo Hlomi a ileng a e ruta ditho tsa sehlopha sa hae.
Hlomi o ne a hlile a itokisitse bakeng sa mokete. Fana ka dintlha tse HLANO ho tshehetsa ntlha ena.
Tlholo ya Hlomi mohlang oo e ne e le ho phethahala ha takatso ya hae. Ke eng seo o hopolang Hlomi a ne a ikemiseditse sona ka ditlhodisano tsa mokete?
KAPA
POTSO YA 5
Ka bolelele ba mantswe a ka bang 250 - 300 qoqa ka semelo sa baphetwa bana ba latelang: Ipapise le dikahare tsa buka ena.
KAPA
POTSO YA 6
Bala qotso ebe o araba dipotso tse e latelang.
O! O re ke mmolai, Monghadi Chikano, empa le wena o sa tswa bolaya moruti Zambiya - ho etsa mohlala o le mong feela. Ke ntho ya bohlokwa ho o bolella hore jwalo ka wena, le nna ke ne ke rutwe ho bolaya ke bona batho bao o reng ke baetapele. Le nna ke ne ke rupellwe mosebetsing wa ka wa ho tsoma dihlwela hore ekakgona ke bolaye e le ho pholosa bophelo ba ka. Eo he, ke yona mesebetsi ya baetapele ba hao; batho ba tsebang feela hore ba tla etsa hona le hwane empa ba sa tsebe hore dintho tseo ba reng ba tla di etsa, ba tla di qala ka kae, le hona ba di etsetswa ke mang ha e se hona ho susumeletsa batho ba bang dinthong tseo ba sa di batleng ha bona ba ithabisa ka ditjhelete tsa setjhaba."
DIPOTSO:
Ke mang ya neng a bua mantswe a qotsong e ka hodimo?
Hantlentle lebitso la Ruth ke mang?
Ke bomang ba neng ba bitsa sehlekehleke ka lebitso la "Sehlekehleke sa Tumelo".
Chikano o ne a tsamaya le mang nakong eo a ntseng a buisana le motho eo o mmoletseng potsong ya 6.1?
Lebitso leo Moatmirale Makhanda a neng a tsejwa ka lona ke basebetsi le yena ke lefe?
Lebotho la Lengau le ne le le ka tlasa taolo ya mang?
Chikano eo ho buuwang le yena moo, mosebetsi wa hae ke ofe?
Mefokolo e meholo eo Nasala a neng a na le yona semelong sa hae ke efe? Bolela e MMEDI.
Ho thwe e meng ya mesebetsi eo Chikano a neng a lokela ho e etsa ke ho fumana moo Thakadi e leng teng. Hantlentle Thakadi ee ke eng?
Ha boChikano ba ntse ba tsamaya ka hara moaho ona oo puisano e etsahalang ka hara wona, ke ketsahalo efe e neng e iketsa e ileng ya mo makatsa haholo?
Hana Ramaqiti o ne a na le sekola sefe mosebetsing wa hae wa bopolesa?
Hantlentle monga mokgatlo o ipitsang 'Bana ba Phiri' e ne e le mang? Mosebetsi o moholo wa mokgatlo ona e ne e le ofe?
Ke phetoho efe e kgolokgolo eo Gabriel Biala a ileng a lokela ho feta ho yona ha a fihla Afrikania? Hobaneng a ne a lokela ho iphetola jwalo?
Hlalosa lebaka le ileng la susumetsa Chikano ho iketsa e mong wa batho ba neng ba lokela ho kgahlanyetsa mobishopo Biala mohla a neng a fihla naheng ya Bosothonia.
Hlalosa hore ke eng e ileng ya mo swabisa morerong oo wa hae.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A:
KAROLO YA B: TSHWANTSHISO/TERAMA
ARABA DIPOTSO TSA BUKA EO O ITHUTILENG YONA FEELA KAROLONG ENA.
O lokela ho araba potso e le NNGWE FEELA karolong ena. Kgetha mme o arabe POTSO ya 7 kapa POTSO ya 8.
POTSO YA 7
Ka bolelele ba mantswe a ka bang 250 - 300 qoqa ka semelo sa dipapadi tsena tse latelang. Ipapise le diketsahalo tsa terama ena.
KAPA
POTSO YA 8
Bala puisano ena ka tlhoko o nto araba dipotso tse tla e latela.
Tjhe, sekgo se ratlana fatshe ka yona tsela eo Mmankepe a neng a e batla. Ke yena ha se nna. O putlame fatshe Motaung. Dithoto ho ngodilwe ho thwe ke lefa la ba bohlale. O lahlile tsohle tsa hae kajeno, re a tshwana re se mawelana. O mo tshwere a mo kuta mosadi yane wa jwaleng. Ha ke lebale mohla a neng a nteleka Mmantshele eo wa letekatse ha a bona nku ena. Nku ke ya Tselakgopo mme sekere ke sa Phahameng. (A thola motsotswana) Bonnete le nna ke a itshola. Ke madi matsohong ka baka la mosadi, e leng Mmankepe. (A makala) Ke utlwa diqi! Ekare ho na le motho ya tlang kwano. Ebe ke mang ke sa itjella masapo a hlooho, ke buisana le ba fatshe? (Ho kena Tiisetso le mmae.) Hao le kena le sa kokota ha ka moo!
Dumela. O kae yena?
Haeba ke tlhapa, le wena.
O mo isitse kae, kapa o rwetse ka yena re tsebe? Le babe le le tjena.
O a tseba keng mosadi, batho ha ba e tla malapeng ba sebedisa dintho tse fapaneng.
A mo kena hanong. Rona re tlile ka dieta tse tabohileng ka baka la hao le mosadiao.
DIPOTSO:
Sebapadi se buang mantswe aa "Tjhe, sekgo se ratlane fatshe ka yona tsela eo Mmankepe a neng a e batla ..." se emetse lehlakore lefe la bophelo ho ya ka tjhadimo ya hao ya botle le bobe? Hobaneng ha o realo?
Mosadi eo Motaung a neng a dula le yena ke mang, mme mosebetsi wa hae ke ofe?
Ke sebapadi sefe se susumeditseng hore Motaung a putlame fatshe?
Hlalosa se bolelwang ke dipolelwana tse latelang:
Dithoto ke lefa la ba bohlale.
Re a tshwana re se mawelana.
Motswalle wa sebapadi se reng, "Nku ke ya Tselakgopo, sekere ke sa Phahameng" ke mang?
Polelong e ka masakaneng e ho 8.1.5, 'nku' e tshwantshiswa le eng ha sekere sona se emetse eng?
Ho itjella masapo a hlooho ke ho etsa eng? Kgetha karabo e nepahetseng.
Ho nahana ka thata.
Ho ja masapo a tswang nameng.
Ho kokona masapo a hlooho ya nku.
Ho ja masapo a hlooho ya kgomo.
Sebapadi sena seo ho thweng se kena se sa kokota ke mang?
Sebapadi seo o se ngotseng ho 8.1.8 se botsa hore ba mo isitse kae. Ebe se botsa ka mang?
Sebapadi seo o se boletseng ho 8.1.9 se ne se dula motseng ofe?
Bolela lebitso la mohatsa le moradi wa sebapadi seo o se boletseng ho 8.1.8.
Bolela dinoka tse PEDI tseo ho buuwang ka tsona tshwantshisong ena.
Boela o bale qotso e latelang o ntano araba dipotso tse tla e latela.
Motaung:
Tlohela letekatse leo le tsamaye. Tloo re robale re kgaohane le yena etswe o tseba dikgolo. Ke thuto ena ya sekolong sa bona e mo sentseng, ba mo rutile hampe. O se a le molomo o moholo. (Mmatiisetso o a tswa.) Oho! Le a tshwana, le diphathakalle mosebetsing oo. Nna le se ke la ntlhobaetsa ke robetse. Basadi ke tlhako ya pere, ba a tshwana. Bana ba tla robala hokong ya dikgoho, botsikwane bo ba qete. Ba mpontsha hore ha ke tswa le mona ba tswa ka nqena. (A notlela lemati.) Dieta tsena di tla ntshenyetsa nako, ke robala ka tsona.
DIPOTSO:
Motaung o ne a bua le mang le hona eo ho buuwang ka yena ke mang?
Ho ya ka kutlwisiso ya hao, ho re 'le diphatakalle' ho bolelang?
Se etsahalang moo ka Motaung ke sefe ha a re 'Dieta tsena di ntshenyetsa nako ...'?
O utlwisisa eng ka polelo e reng: 'Ha a ilo iketa le bona, feela a tle a ntlele ka bohlanya, o tla ntseba hantle le mmae'.
Na o bona Raboditse a atlehile ho senya Motaung? Hobaneng ha o realo?
Ke thuto efe eo o e fumaneng tshwantshisong ee?
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B:
KAROLO YA C: PALEKGUTSHWE
ARABA DIPOTSO TSA BUKA EO O ITHUTILENG YONA FEELA KAROLONG ENA.
Mohlahlobuwa o lokela ho araba POTSO e le NNGWE FEELA. O lokela ho kgetha pakeng tsa POTSO ya 9 kapa POTSO ya10.
POTSO YA 9
Ka bolelele ba mantswe a ka bang 250 - 300 qoqa ka dikarolwana tsa moralo wa palekgutshwe ena 'Bontshunyekgare' o itshetlehile ka diketsahalo tse latelang:
Tlhekelo
Kgolo
Tharahano
KAPA
POTSO YA 10
Bala seratswana se latelang o nto araba dipotso tse tla se latela.
O ne a hlenne, melomo ena ya hae e hlephile, a tsweretse mahlo ao bofubedu bona ba ona e neng eka ba a mokoko o nwele mahe. Ha a bohla o ne a bohla sa poho ya mmofu e kgonya mokgwabong. Ha a tsamaya, o ne a kapeha, eka motho ya thibang dinku tse batlang ho kena mabeleng. Ha a bua, o ne a lepolosa lentswe jwalo ka mokudi ya kulelang lefu. Ka nako e nngwe o ne a ye a bitswe fatshe, a be a mamelle lefatshe nakwana. E re nengneng a eme a leke ho tsamaya.
DIPOTSO:
Fana ka lebitso la motho eo ya hlaloswang ka hodimo qotsong.
Ke ka baka la eng ha mophetwa eo a ne a le ka mokgwa ona?
Se neng se qoqwa thaveneng eo mophetwa eno a ileng a fapohela ho yona ke sefe?
Ke ka baka la eng batho ba neng ba le thaveneng ba neng ba ntsha maikutlo ao o buileng ka ona potsong ya 10.3?
Hara sehlopha se neng se buisana moo thaveneng, ke mang eo o ka reng o ne a na le kelello e phodileng? Hobaneng o realo?
Ho ile ha etsahalang ho mophetwa eo o mmoletseng ka hodimo ha a ntse a tshetlehela sehlopha se thaveneng puo? Bolela diketsahalo tse PEDI.
Ke mang ya ileng a kgalemela batho bana nakong eo ba ntseng ba etsa lerata mme ke hobaneng ha sena se ne se bonahala se hlile se makatsa haholo?
Ke ka mabaka afe a MABEDI e mong wa bomphato ba sehlopha seo se kgobokaneng thaveneng a ileng a re motho ya neng a leka ho ba tshetlehela puo o na le kgethollo e bile ke mpimpi?
Ke dintho dife tseo mophetwa eo o mmoletseng potsong ya 10.5 a ileng a tsamaya a di lohotha ha a le tseleng e lebang hae? Fana ka dintlha tse tharo feela.
Bolela diketsahalo tse pedi tse mpe tseo methaka ena e ileng ya rera ho di etsa letsatsing le hlahlamang ha e fihla mosebetsing?
Ke ka mabaka afe a MABEDI ha motsamaisi a ne a hloleha ho bua ka kopanong ya letsatsi le hlahlamang leo ho bileng le kopano ka yona thaveneng?
Bolela hore ke eng tse PEDI tse bakileng hore bana ba sekolo ba furuletse majwe ho mookamedi le mophetwa eo o mmoletseng potsong ya 10.6.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C:
KAROLO YA D: DITHOTHOKISO
ARABA DIPOTSO TSA DITHOTHOKISO TSEO O ITHUTILENG TSONA FEELA KAROLONG ENA.
ELA HLOKO:
Dipotsong tsena tse nne tsa THOTHOKISO (POTSO ya 11, POTSO ya 12, POTSO ya 13 le POTSO ya 14), mohlahlobuwa O TLAMEHA maoto le matsoho hore a kgethe mme a arabe POTSO TSE PEDI feela.
POTSO YA 11
Bala thothokiso e latelang o nto araba dipotso tse e latelang.
Ha ke bua ka lefu, ke re phakwe,
Ha ke bua ka phakwe, ke re Ramautla,
Phakwe e ubellang ditsuonyana di eso iphatele,
Ramautla ya ketolang a siya dithako.
Morwerwe wa lefu o hlotse bolepi kajeno,
Ditsomi di epetswe ha tshelela kgateane,
Ruri lefu le re nketse metswalle.
Lefu, nna ha ke bua ka wena, ke tshedisa,
Siba la ka nna jwale le tlala thothomelo,
Le bokgelekeng nna ke tswella ho nyehlisa.
Lefu ke lena ke mokgokakgwale,
Fatsheng lena re bana ba lebitla
Ho benya lerumo, ho kgabola kanono moela.
Nna jwale ke tjhele lentswe ke ho lla
Meokgo ya ka e sitwa ho ntshedisa, le ho phalla,
Hoba lefu ke lena le nkamoha baena re phomotse,
Re phomotse re ipuela tse monate.
DIPOTSO:
Ho temanathothokiso ya 2 mothofatso e fumanwa moleng ofe?
Ho mola wa 9 ke mokgabisopuo ofe o sebedisitsweng?
Tatellano ya mantswe e sebedisitsweng moleng wa 12 ha e a tlwaeleha. Hana re sebedisa lereo lefe thothokisong bakeng sa tatellano ena e sa tlwaelehang ya mantswe?
Ntshetsopele ya mohopolo e hlahelang dipakeng tsa mela ya 19 le 20 e bopilwe ka mantswe afe? Sena se bitswa eng thothokisong?
Phetapheto e tsepameng e fumanwa meleng efe temanathothokisong ya 4? Molemo wa phetapheto ena ke ofe thothokisong?
Ke sebetsa sefe sa bothothokisi se fumanwang moleng wa 1? Molemo wa sona ke ofe?
Lentswe 'Siba' moleng wa 10 le re bopela mokgabiso ofe? Molemo wa ona ke ofe?
Temathothokisong ya pele ke meleng efe moo re fumanang tshwantshiso/serehello?
Hlalosa hore lentswe lena 'mapaku' moleng wa 6 le bolela eng.
KAPA
POTSO YA 12
Bala thothokiso e latelang o nto araba dipotso tse e latelang:
Ke bua tshita tsa lefatshe lena ke sa qeaqee,
Dira tsa motho di nyadiswa le dinaledi,
Le metswalle ya hae e kgabiswa le dinaledi,
Empa ebe phapang ke efe lona dikgaitsedi?
Monongwaha ke hopola tshiu tsela,
Pososelo ya ka e nkala lebatha la tsela,
Mora motho o kile a re jarela sefapano,
A re fatsheng lena re etse nnete dikano,
Ho rona baena le dikgaitsedi, ke thatano.
Tsa bona ditshobotsi ba di pholla ba di keketla,
Maifong ba siya pitsa di etjha sehau,
Ao, botle ba ngwetsi tse bo baka mahlomola,
Bakgwenyana ba sala ba hweshetsa sa makau.
BoTlhong ba maoba ba ho bonwa sewelo,
Monongwaha ke tjhobolo tse shweleng matswalo,
Ka mona le ka mane pelo e ja serati,
DIPOTSO:
Thothokiso ee ke ya mofuta ofe? Hobaneng o realo?
Sehlooho sa thothokiso ena "Pelo e ja serati" se bolelang?
Qoholla mola o nang le lebotsi temanathothokisong ya 1.
Hlalosa se bolelwang ke molathothokiso wa 3.
Ke sekapuo sefe se sebedisitsweng ho mola wa 17?
Ho mola wa 10, re fumana sebetsa sefe sa bothothokisi? Fana ka molemo wa sona thothokisong.
Lentswe 'Dira' moleng wa 3 le lentswe 'metswalle' moleng wa 4 bobedi a re bopela sehlomo sefe sa boroki?
Tshwantshanyo e fumanwa moleng ofe temaneng ya 3?
KAPA
POTSO YA 13
Bala thothokiso e latelang o nto araba dipotso tse e latelang:
Hantlentle molato keng sephoqo towe,
Ha o dutse lapeng o ahlame,
Ha thunya se lla se kgabola?
Tjhaba ke sela se a itseka,
Se re: "Ha e boye Afrika, ha e boye",
Wena o ahlame ntlong phauphau towe.
O emetseng semaumau towe?
Ha basadi ba tswile ba lwana,
Hantlentle molato keng ntjamme?
Tadima ba masea bana ke bane,
Ba lwana ba a itseka,
Wena o emetseng?
Aforikeng e ntjha le wena o be le seabo,
Kapa o emetseng?
E mengata e lwanelang tokoloho mekgatlo,
PAC le AZAPO ka mabitso ho e thonya,
Leba ho o mong o yo itseka,
Kapa o tla re o emetseng?
DIPOTSO:
Qoholla lentswe leo tlohelo e fumanwang ho lona ho temanathothokiso ya 2.
Lebotsi le fumanwa moleng ofe temanathothokisong ya 1? Bolela molemo wa lona.
Hlalosa se bolelwang ke molathothokiso wa 3.
Moleng wa 14 ho na le tatellano e sa tlwaelehang ya mantswe.
Qotsa mantswe a totobatsang sena.
Sebetsa sena sa bothothokisi se bitswang.
Kgefutsohare/Sejura se fumanwa moleng ofe temaneng ya 2? Molemo wa sona ke ofe moleng ona ka ho otloloha.
Ho lata ntwa letailana moleng wa 6 ke ho etsa jwang?
Hlalosa ka bokgutshwanyana se bolelwang ke thothokiso ena.
KAPA
POTSO YA 14
Bala thothokiso e latelang o nto araba dipotso tse e latelang.
E ile e siile mahlomola, kgosi,
Hodimo le faladitse bana ba batho,
Hodimo le faladitse Fitoria le Moshweshwe,
Badimo ba rona hoja ba itswaletse,
Ba tswetse dikgosi, ba tswetse marena,
Ba tswetse tau, thaka Seeiso, Sebata.
Ra bona ka tsietsi le tlokotsi ho ngatafala,
Ra bona ka letsatsi ho ema molebe,-
Ra bona fatshe le tjha le omella bohlaswa,
La theoha le le ditaba manyofonyofo,
La theoha le kentse lerumo ka kobong.
E ile e siile mahlomola, kgosi,
DIPOTSO:
Thothokiso ena ke ya mofuta ofe? Hobaneng o realo?
Bolela hore phetapheto e tsepameng e fumanwa meleng efe.
Ke sebetsa sefe sa bothothokisi se fumanwang moleng wa 5? Molemo wa sona ke ofe?
Ke mokgabiso/bonono bofe bo fumanwang lentsweng lee 'fatshe' moleng wa 9? Hobaneng o realo?
Ke sekapuo sefe se fumanwang meleng ya 10 - 12?
Lentswe 'molebe' moleng wa 8 le bolela eng?
Ka mantswe a hao, hlalosa se bolelwang ke mola wa 10: 'Yare le theoha rothodi la lehodimo'.
Ke mokgabisopuo ofe o fumanwang moleng wa 7? Molemo wa ona ke ofe?
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA D:
MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA:
